12. mme o bone, ka pono ya mohlolo, monna ya bitswang Ananiase a kena, a mmea matsoho, hore a boele a bone.
13. Empa Ananiase a araba, a re: Morena, ke utlwile ke ba bangata ditaba tsa monna eo, kamoo a entseng bakgethwa ba hao hampe kateng, Jerusalema;
14. le mona o tlile a neilwe matla ke baprista ba baholo a ho tlama bohle ba rapelang lebitso la hao.
15. Empa Morena a re ho yena: Eya, hobane eo ke lefiso leo ke ikgethetseng lona, ho isa lebitso la ka ho baditjhaba, le ho marena, le ho bana ba Iseraele;
16. mme ke tla mmontsha boholo ba bohloko boo e ka kgonang a bo utlwe ka baka la lebitso la ka.
17. Yaba Ananiase o ya, a kena ka tlung, a mmea matsoho, a re: Saule, ngwaneso, Morena o nthomile, yena Jesu ya ipontshitseng ho wena tseleng eo o tlileng ka yona, hore o boele o bone, le hore o tlale Moya o Halalelang.
18. Mme ntho tse kang makgapetla tsa phakisa tsa wa mahlong a hae; a boela a bona; a ntoo ema, a kolobetswa.
19. Yaba o ja dijo, mme matla a boela ho yena.Saule a dula le barutuwa ba leng Damaseka matsatsi a mang.
20. A phakisa a bolela Jesu masinagogeng, a tiisa hore ke Mora wa Modimo.
21. Ba mo utlwang kaofela ba ne ba makala, ba re: Na eo hase yena ya neng a hlorisa hampe ba rapelang lebitso leo Jerusalema, a bile a tlile le mona ho ba tlama le ho ba isa ho baprista ba baholo na?
22. Haele Saule, a nna a ipha matla a maholo, a hlola Bajuda ba ahileng Damaseka, ka ho ba bontsha hore Jesu ke Kreste.
23. Kamora tsiu tse ngatanyana, Bajuda ba rera ho mmolaya;
24. empa Saule a tsebiswa morero wa bona. Ba ne ba lebela menyako ya motse, motshehare le bosiu, hore ba tle ba mmolaye;
25. empa barutuwa ba mo nka bosiu, ba ema hodima lerako, ba mo lepelletsa fatshe ka seroto.
26. Saule eitse ha a fihla Jerusalema, a leka ho kopana le barutuwa; empa ba ne ba mo tshaba kaofela, ba se ke ba dumela hobane e se e le morutuwa.
27. Yaba Barnabase o mo nka, a mo isa ho baapostola, a ba phetela kamoo a boneng Morena tseleng kateng, a bileng a buile le yena, le kamoo a boletseng lebitso la Jesu ka matla motseng wa Damaseka kateng.