Diketso 9:10-19 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

10. Morutuwa e mong, ya bitswang Ananiase, o ne a le teng Damaseka: Morena a mmolella ka pono ya mohlolo, a re: Ananiase! Yena a re: Ke nna enwa, Morena!

11. Morena a re ho yena: Tloha, o ye seterateng se bitswang se Lokileng; o batle ka tlung ya Juda motho ya bitswang Saule wa Tarese; hobane o ka bona, o a rapela,

12. mme o bone, ka pono ya mohlolo, monna ya bitswang Ananiase a kena, a mmea matsoho, hore a boele a bone.

13. Empa Ananiase a araba, a re: Morena, ke utlwile ke ba bangata ditaba tsa monna eo, kamoo a entseng bakgethwa ba hao hampe kateng, Jerusalema;

14. le mona o tlile a neilwe matla ke baprista ba baholo a ho tlama bohle ba rapelang lebitso la hao.

15. Empa Morena a re ho yena: Eya, hobane eo ke lefiso leo ke ikgethetseng lona, ho isa lebitso la ka ho baditjhaba, le ho marena, le ho bana ba Iseraele;

16. mme ke tla mmontsha boholo ba bohloko boo e ka kgonang a bo utlwe ka baka la lebitso la ka.

17. Yaba Ananiase o ya, a kena ka tlung, a mmea matsoho, a re: Saule, ngwaneso, Morena o nthomile, yena Jesu ya ipontshitseng ho wena tseleng eo o tlileng ka yona, hore o boele o bone, le hore o tlale Moya o Halalelang.

18. Mme ntho tse kang makgapetla tsa phakisa tsa wa mahlong a hae; a boela a bona; a ntoo ema, a kolobetswa.

19. Yaba o ja dijo, mme matla a boela ho yena.Saule a dula le barutuwa ba leng Damaseka matsatsi a mang.

Diketso 9