Diketso 9:1-9 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

1. Empa Saule o ne a sa ntse a befetswe ho sokela le ho bolaya barutuwa ba Morena; a ya ho moprista e moholo,

2. a kopa mangolo ho yena a ngollwang masinagoge a Damaseka, hore etlere ha a ka fumana ba bang ba thuto eo, leha e le banna, kapa basadi, a ba tlame, a ba tlise Jerusalema.

3. A re a sa ya, a se a atametse Damaseka, a tshoha lesedi le tswang lehodimong le mo teela hare.

4. A wela fatshe, a utlwa lentswe le reng ho yena: Saule, Saule, o ntlhorisetsang na?

5. A re: O mang, Morena? Morena a re: Ke nna Jesu, eo o mo hlorisang; ho thata ho wena ho raha ditsenene.

6. A re ka tshoho le ka thothomelo: Morena, o rata hore ke etse eng na? Morena a re ho yena: Tsoha, o kene motseng, mme o tla bolellwa teng seo o tshwanetseng ho se etsa.

7. Banna bao a neng a tsamaya le bona, ba ne ba eme ba maketse; hobane ba fela ba ne ba utlwile lentswe, ba mpa ba sa bone motho.

8. Yaba Saule o tsoha fatshe, mme ha a tadima, a sitwa ho bona motho; ba mpa ba mo tshwara ka letsoho, ba mo isa Damaseka.

9. Mme ha feta matsatsi a mararo, a sa bone, a sa je, a sa nwe.

Diketso 9