Diketso 8:36-40 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

36. Ba re ba sa tsamaya tseleng, ba fihla moo metsi e leng teng; letona la re: Bona, metsi ke ana; ho ka hana eng hore ke se ke ka kolobetswa na?

37. Filipi a re: Ha o dumela ka pelo yohle ya hao, ho ka etswa. La araba, la re: Ke a dumela hore Jesu Kreste ke Mora wa Modimo.

38. Yare hoba a laele hore koloi e eme, ba theohela metsing hammoho, Filipi le letona, mme Filipi a le kolobetsa.

39. Eitse ha ba tloha metsing, Moya wa Morena wa tlosa Filipi, mme letona ha le a ka la hlola le sa mmona; la mpa la tswela pele tseleng ya lona le thabile.

40. Haele Filipi, a tshoha a se a le Asote, mme ha a ntse a tsamaya, a bolela Evangeli metseng yohle, a ba a fihla Sesarea.

Diketso 8