Diketso 8:27-37 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

27. Yaba o tloha kapele, a ya teng. Mme a bona monna wa Ethiopia, letona le leholo la Kandase, mofumahadi wa Ethiopia, le moalosi wa maruo a hae kaofela, ya neng a tlile Jerusalema ho rapela;

28. o ne a kgutlela ha habo, mme o ne a dutse koloing ya hae, a ntse a bala buka ya moporofeta Esaia.

29. Yaba Moya o re ho Filipi: Eya, o atamele koloi eo.

30. Filipi a matha, mme eitse ha a mo utlwa a bala buka ya moporofeta Esaia, a mmotsa, a re: Na o utlwisisa seo o se balang na?

31. Eo a re: Nka utlwisisa jwang ha e mong a sa nkenye tseleng? Mme a rapela Filipi hore a hlwe, a dule le yena.

32. Karolo ya lengolo leo a neng a le bala e ne e le yona ena: O huletswe hlabong jwaloka nku, hape o ne a le jwaloka konyana e semumu pela mokuti wa yona, mme ha a ka a ahlamisa molomo wa hae.

33. Kahlolo ya hae e phethilwe boikokobetsong ba hae; mme ke mang ya ka bolelang leloko la hae? Hobane bophelo ba hae bo tloswa lefatsheng.

34. Letona la botsa Filipi, la re: Ke a o rapela, ke re, na moporofeta o bolela taba eo bakeng sa mang? Na o a ipolela, kapa o bolela e mong na?

35. Yaba Filipi o ahlamisa molomo wa hae, a qala ka lengolo leo ho mmolella tsa Jesu.

36. Ba re ba sa tsamaya tseleng, ba fihla moo metsi e leng teng; letona la re: Bona, metsi ke ana; ho ka hana eng hore ke se ke ka kolobetswa na?

37. Filipi a re: Ha o dumela ka pelo yohle ya hao, ho ka etswa. La araba, la re: Ke a dumela hore Jesu Kreste ke Mora wa Modimo.

Diketso 8