Diketso 8:22-32 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

22. Hlo o bake bolotsaneng bona ba hao, mme o rapele Modimo; ekaba mohlomong o ka tshwarelwa kgopolo eo ya pelo ya hao.

23. Hobane ke a bona hoba o tletse nyooko e babang haholo, o fineletswe ke bokgopo.

24. Simone a araba, a re: Nthapelleng e le lona ho Morena, hore ke se ke ka welwa ke ntho le e nngwe ya tseo le di boletseng.

25. Baapostola, eitse hobane ba pake lentswe la Morena, ba kgutlela Jerusalema, ba ntse ba bolela Evangeli metsaneng e mengata ya Samaria.

26. Yaba lengeloi la Morena le bolella Filipi, la re: Tloha, o ye nqa borwa, tseleng e tswang Jerusalema, e yang le Gasa, e leng e sa tsamauweng.

27. Yaba o tloha kapele, a ya teng. Mme a bona monna wa Ethiopia, letona le leholo la Kandase, mofumahadi wa Ethiopia, le moalosi wa maruo a hae kaofela, ya neng a tlile Jerusalema ho rapela;

28. o ne a kgutlela ha habo, mme o ne a dutse koloing ya hae, a ntse a bala buka ya moporofeta Esaia.

29. Yaba Moya o re ho Filipi: Eya, o atamele koloi eo.

30. Filipi a matha, mme eitse ha a mo utlwa a bala buka ya moporofeta Esaia, a mmotsa, a re: Na o utlwisisa seo o se balang na?

31. Eo a re: Nka utlwisisa jwang ha e mong a sa nkenye tseleng? Mme a rapela Filipi hore a hlwe, a dule le yena.

32. Karolo ya lengolo leo a neng a le bala e ne e le yona ena: O huletswe hlabong jwaloka nku, hape o ne a le jwaloka konyana e semumu pela mokuti wa yona, mme ha a ka a ahlamisa molomo wa hae.

Diketso 8