Diketso 8:11-23 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

11. Ba ne ba mo kgomarela jwalo, kahobane, ka nako e teletsana, a ne a ba makaditse ka bonohe ba hae.

12. Empa, eitse hobane ba dumele Filipi ya ba bolellang ditaba tsa mmuso wa Modimo le lebitso la Jesu Kreste, banna le basadi ba kolobetswa.

13. Le yena Simone a dumela, mme a kolobetswa; o ne a kgomarela Filipi; mme o ne a tsota ha a bona mehlolo le meeka e mengata e etswang.

14. Jwale, baapostola ba setseng Jerusalema, yare ha ba utlwa hobane Basamaria ba amohetse lentswe la Modimo, ba roma Petrose le Johanne ho bona.

15. Bao, eitse hobane ba fihle, ba ba rapella hore ba newe Moya o Halalelang.

16. Hobane o ne o eso ho theohele le ho ya mong ho bona; empa ba ne ba sa kolobeditswe feela ka lebitso la Morena Jesu.

17. Yaba ba ba bea matsoho, mme ba newa Moya o Halalelang.

18. Yare ha Simone a bona hobane Moya o Halalelang o newa ka peo ya matsoho a baapostola, a ba beela ditjhelete, a re:

19. A le ke le mpheng le nna matla ao, hore e mong le e mong eo ke tla mmea matsoho, a newe Moya o Halalelang.

20. Empa Petrose a mo araba, a re: Ditjhelete tsa hao a di ke di timele le wena, ha o lekantse hobane neo ya Modimo e rekwa ka ditjhelete.

21. Ha o na kabelo leha e le tokelo tabeng ena; hobane pelo ya hao ha e a loka pela Modimo.

22. Hlo o bake bolotsaneng bona ba hao, mme o rapele Modimo; ekaba mohlomong o ka tshwarelwa kgopolo eo ya pelo ya hao.

23. Hobane ke a bona hoba o tletse nyooko e babang haholo, o fineletswe ke bokgopo.

Diketso 8