1. Haele Saule, o na be a dumetse polao ya Setefane.Mehleng eo, kereke ya hlahelwa ke hloriso e kgolo; ba qhalanyetswa bohle mafatsheng a Judea le a Samaria, ha sala baapostola ba nnotshi.
2. Mme banna ba bang ba barapedi ba epela Setefane, mme ba mo llela haholoholo.
3. Empa Saule o ne a ntse a hlorisa kereke, a kena ka matlung, a hulela banna le basadi kantle, a ba kenya teronkong.
4. Ba neng ba qhalantswe ba ne ba tsamaya ba ntse ba bolela lentswe.
5. Haele Filipi, a theohela motseng o mong wa Samaria, a bolela Kreste teng.
6. Bongata ba eba pelo e le nngwe ho mamela tse bolelwang ke Filipi, ha bo utlwa, mme bo bona mehlolo eo a e etsang.
7. Hobane meya e ditshila e ne e tloha ho ba bangata ba kenweng ke yona, e howa ka lentswe le leholo; le ba bangata ba neng ba omeletse ditho le diritsa ba fodiswa.
8. Mme thabo e kgolo ya eba teng motseng oo.
9. Monna ya bitswang Simone o ba a se a le teng, ya etsang bonohe motseng oo; o ne a thetsa setjhaba sa Samaria, ka ho ipolela hore ke motho e moholo.
10. Ba ne ba mo mamela kaofela, ho qala ka e monyenyane ho isa ho e moholo, ba re: Enwa ke matla a Modimo, a bitswang a maholo.
11. Ba ne ba mo kgomarela jwalo, kahobane, ka nako e teletsana, a ne a ba makaditse ka bonohe ba hae.
12. Empa, eitse hobane ba dumele Filipi ya ba bolellang ditaba tsa mmuso wa Modimo le lebitso la Jesu Kreste, banna le basadi ba kolobetswa.