Diketso 7:7-22 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

7. Empa setjhaba se di entseng makgoba, ke tla se ahlola, ho bolela Modimo; kamora tseo di tla tloha teng, mme di tla ntshebeletsa naheng ena.

8. Yaba o mo nea selekane sa lebollo. A tswala Isaaka jwalo, a mmolotsa ka letsatsi la boroba meno e le mmedi. Isaaka a tswala Jakobo; Jakobo yena a tswala bapatriareka ba leshome le metso e mmedi.

9. Bapatriareka ba honohela Josefa, ba reka ka yena, a iswa Egepeta; empa Modimo wa nna wa eba le yena,

10. wa mo lokolla mahlomoleng a hae kaofela; mme wa mo nea bohlale le ho kgahlisa Faro, morena wa Egepeta, eo a ba a mmea mmusisi wa Egepeta le wa ntlo ya hae yohle.

11. Ha wa tlala lefatsheng lohle la Egepeta le ho la Kanana, tsietsi ya ba ya eba kgolo; bontata rona ba sitwa le ho fumana dijo.

12. Empa eitse ha Jakobo a utlwa hobane koro e teng Egepeta, a roma bontata rona teng la pele.

13. La bobedi, Josefa a tsejwa ke banababo, mme Faro a tsebiswa moloko wa Josefa.

14. Yaba Josefa o romela ho lata Jakobo, ntatae, le ba mofuta wa hae kaofela, e le batho ba mashome a supileng a metso e mehlano.

15. Jwale, Jakobo a theohela Egepeta, moo a shwetseng teng le bontata rona.

16. Mme ditopo tsa bona tsa iswa Sikeme, tsa patwa lebitleng la Abrahama, leo a neng a le reke ka ditjhelete ho bara ba Hamore, Sikeme.

17. Eitse ha nako e se e atametse eo Modimo o tla phetha pallo eo o neng o e anetse Abrahama, setjhaba sa ata, sa anafala Egepeta.

18. Ha ba ha hlaha morena e mong, ya sa kang a tseba Josefa.

19. Eo a etsa ka mano ho setjhaba sa rona, a hlorisa bontata rona, a ba a ba lahlisa bana ba bona, hore ba tle ba se ke ba hlola ba ata.

20. Moshe a tswalwa mehleng eo, ya eba ngwana e motle ho Modimo; a hodiswa ka kgwedi tse tharo tlung ya ntatae.

21. Eitse hobane a lahlwe, moradi wa Faro a mo thola, mme a ikgodisetsa yena, hore e tle e be mora wa hae ka sebele.

22. Moshe a rutwa bohlale bohle jwa Baegepeta, mme ya eba motho ya matla ditabeng le mesebetsing.

Diketso 7