Diketso 7:53-60 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

53. lona ba nkileng molao ka matsoho a mangeloi, mme ha le a ka la o boloka.

54. Eitse ha ba utlwa taba tseo, ba tlalwa ke dipelo, mme ba mo tsikitlanyetsa meno.

55. Empa Setefane a tlala Moya o Halalelang, a lelala hodimo, a bona kganya ya Modimo, le Jesu a eme letsohong le letona la Modimo.

56. A re: Bonang! ke bona mahodimo a phetlilwe, le Mora motho a eme ka letsohong le letona la Modimo.

57. Yaba ba phahamisa mantswe, ba howa, ba ithiba ditsebe, mme ba itihela hodima hae hammoho.

58. Eitse hobane ba mo kgarameletse kantle ho motse, ba mo tlepetsa ka majwe; mme dipaki tsa bea diaparo tsa tsona maotong a mohlankana ya bitswang Saule.

59. Ha ba sa ntse ba mo tlepetsa, Setefane a rapela, a re: Morena Jesu, amohela moya wa ka!

60. A ntoo kgumama, a howa ka lentswe le leholo, a re: Morena, o se ke wa ba balla sebe sena! Yare ha a buile jwalo, a ithoballa.

Diketso 7