Diketso 7:49-51 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

49. Lehodimo ke terone ya ka, mme lefatshe ke bonamelo ba maoto a ka; ntlo eo le ka nkgahelang yona e ka ba e jwang, ho bolela Morena, le nqalo eo nka phomolang ho yona e ka ba efe?

50. Na letsoho la ka hase lona le entseng ntho tseo kaofela na?

51. Lona ba melala e thata, ba sa bollang dipelo le ditsebe, le hanela Moya o Halalelang kamehla; le tshwana le bontata lona.

Diketso 7