Diketso 7:37-51 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

37. Esale Moshe eo ya kileng a re ho bana ba Iseraele: Morena, Modimo wa lona, o tla le hlahisetsa moporofeta hara banababo lona, ya jwaloka nna; mo utlweng.

38. Ke yena ya kileng a ba phuthehong feelleng, hammoho le lengeloi le neng le bua le yena thabeng ya Sinai le bontata rona moholo; ke yena ya nkileng ditaba tsa bophelo ho re nea tsona.

39. Empa bontata rona ba ne ba hane ho mo utlwa; ba mo nyatsa, mme ba kgutlela Egepeta ka dipelo tsa bona,

40. ba re ho Aarone: Re etsetse medimo e re etellang pele; hobane Moshe eo, ya re ntshitseng lefatsheng la Egepeta, ha re tsebe se mo hlahetseng.

41. Mohlang oo, ba etsa namane, mme ba hlabela setshwantsho seo, ba thabela mosebetsi wa matsoho a bona.

42. Ebile moo Modimo o ba furallang, wa ba neela ho sebeletsa makgotla a lehodimo, kamoo ho ngodilweng kateng bukeng ya baporofeta, ho thwe: Lona ntlo ya Iseraele, na le ntlhahiseditse dikgomo le mahlabelo feelleng ka dilemo tse mashome a mane na?

43. Tjhe, empa le ne le jere tabernakele ya Moloke, le naledi ya modimo wa lona Remfane, e leng ditshwantsho tseo le iketseditseng tsona ho di kgumamela; ka baka leo, ke tla le falatsa, ke be ke le fetisetse ka nqane ho Babilona.

44. Bontata rona ba ne ba na le tabernakele ya bopaki feelleng, kamoo ya buang le Moshe a neng a mo laetse kateng, ho e etsa ka setshwantsho seo a se boneng.

45. Eitse hobane bontata rona ba e newe, ba ya le yona lefatsheng la ditjhaba tseo Modimo o di lelekileng pela bona, ba ena le Joshua; mme ya nna ya dula teng ho fihlela mehleng ya Davida.

46. Davida a bona mohau pela Modimo, mme a kopa hore a batlele Modimo wa Jakobo tabernakele.

47. Salomone ke yena ya o hahetseng tempele.

48. Empa Ya hodimodimo a ke ke a aha ditempeleng tse entsweng ka matsoho, jwalokaha moporofeta a boletse, a re:

49. Lehodimo ke terone ya ka, mme lefatshe ke bonamelo ba maoto a ka; ntlo eo le ka nkgahelang yona e ka ba e jwang, ho bolela Morena, le nqalo eo nka phomolang ho yona e ka ba efe?

50. Na letsoho la ka hase lona le entseng ntho tseo kaofela na?

51. Lona ba melala e thata, ba sa bollang dipelo le ditsebe, le hanela Moya o Halalelang kamehla; le tshwana le bontata lona.

Diketso 7