Diketso 7:28-42 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

28. Hleka o rata ho mpolaya jwalokaha o bolaile Moegepeta maobane na?

29. Jwale, ka baka la polelo eo, Moshe a baleha, a ya jaka naheng ya Midiane, mme a tswala bara ba babedi teng.

30. Eitse hobane ho fete dilemo tse mashome a mane, lengeloi la Morena la hlaha ho yena lefeelleng la thaba ya Sinai, kgabong ya mollo e sehlahleng.

31. Moshe ha a bona mohlolo oo, a makala ke wona; a re a sa atamela ho tadimisisa, lentswe la Morena la mo tlela, la re:

32. Ke nna Modimo wa bontatao. Modimo wa Abrahama, Modimo wa Isaaka, Modimo wa Jakobo. Yaba Moshe o tshwarwa ke ho thothomela, mme a tshaba ho tadima.

33. Morena a re ho yena: Rola dieta maotong a hao, hobane nqalo eo o emeng ho yona ke lefatshe le kgethehileng.

34. Ke hlile ke bontshisitse dihloriso tsa setjhaba sa ka se Egepeta, le ho dumaduma ha bona ke ho utlwile, mme ke theohetse ho ba namolela; tloo jwale, ke o rome Egepeta.

35. Moshe eo ba neng ba mo nyatsitse, ba re: Ke mang ya o beileng morena le moahlodi wa rona? Ke yena ya kileng a rongwa ke Modimo, hore e be morena le monamoledi wa bona, ka letsoho la lengeloi le kileng la hlaha ho yena sehlahleng.

36. Ke yena ya ba ntshitseng Egepeta, a etsa mehlolo le meeka Egepeta, le Lewatleng le Lefubedu, le lefeelleng, ka dilemo tse mashome a mane.

37. Esale Moshe eo ya kileng a re ho bana ba Iseraele: Morena, Modimo wa lona, o tla le hlahisetsa moporofeta hara banababo lona, ya jwaloka nna; mo utlweng.

38. Ke yena ya kileng a ba phuthehong feelleng, hammoho le lengeloi le neng le bua le yena thabeng ya Sinai le bontata rona moholo; ke yena ya nkileng ditaba tsa bophelo ho re nea tsona.

39. Empa bontata rona ba ne ba hane ho mo utlwa; ba mo nyatsa, mme ba kgutlela Egepeta ka dipelo tsa bona,

40. ba re ho Aarone: Re etsetse medimo e re etellang pele; hobane Moshe eo, ya re ntshitseng lefatsheng la Egepeta, ha re tsebe se mo hlahetseng.

41. Mohlang oo, ba etsa namane, mme ba hlabela setshwantsho seo, ba thabela mosebetsi wa matsoho a bona.

42. Ebile moo Modimo o ba furallang, wa ba neela ho sebeletsa makgotla a lehodimo, kamoo ho ngodilweng kateng bukeng ya baporofeta, ho thwe: Lona ntlo ya Iseraele, na le ntlhahiseditse dikgomo le mahlabelo feelleng ka dilemo tse mashome a mane na?

Diketso 7