Diketso 7:22-32 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

22. Moshe a rutwa bohlale bohle jwa Baegepeta, mme ya eba motho ya matla ditabeng le mesebetsing.

23. Eitse ha a se a hodile dilemo tse mashome a mane, pelo ya hae ya hlahelwa ke takatso ya hore a etele banababo, bara ba Iseraele.

24. A fumana e mong wa bona a etswa hampe feela; a mo tlatsa, mme a lefetsa ya etswang hampe ka ho bolaya Moegepeta.

25. O ne a lekanya hore banababo ba tla utlwisisa kahoo hobane Modimo o tla ba namolela ka letsoho la hae, empa ha ba ka ba utlwisisa.

26. Ka hosasane, a wela ba bang ba lwanang, a ba kgothatsa hore ba etse kgotso, ka ho re: Banna, le ba mofuta o le mong; na le etsana hampe keng?

27. Empa ya etsang wa habo hampe a nyatsa Moshe, a re: Ke mang ya o beileng morena, le moahlodi wa rona na?

28. Hleka o rata ho mpolaya jwalokaha o bolaile Moegepeta maobane na?

29. Jwale, ka baka la polelo eo, Moshe a baleha, a ya jaka naheng ya Midiane, mme a tswala bara ba babedi teng.

30. Eitse hobane ho fete dilemo tse mashome a mane, lengeloi la Morena la hlaha ho yena lefeelleng la thaba ya Sinai, kgabong ya mollo e sehlahleng.

31. Moshe ha a bona mohlolo oo, a makala ke wona; a re a sa atamela ho tadimisisa, lentswe la Morena la mo tlela, la re:

32. Ke nna Modimo wa bontatao. Modimo wa Abrahama, Modimo wa Isaaka, Modimo wa Jakobo. Yaba Moshe o tshwarwa ke ho thothomela, mme a tshaba ho tadima.

Diketso 7