Diketso 7:1-6 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

1. Moprista e moholo a re: Na tseo di jwalo na?

2. Setefane a re: Banna ba heso le bontate, utlwang! Modimo wa kganya o ne o ipontshe ho ntata rona Abrahama, a sa le Mesopotamia, a eso ho ahe Kgarane,

3. wa re ho yena: Tloha naheng ya heno le mofuteng wa heno, mme o ye lefatsheng leo ke tla o supisa lona.

4. Yaba o tloha naheng ya Bakalde, mme a ya aha Kgarane. Eitse hobane ntatae a shwe, Modimo wa mo tlosa teng, wa mo tlisa naheng ena le ahileng ho yona jwale.

5. Ha o a ka wa mo abela lefa teng, leha e le sebakanyana se ka ka se ka hatwang ka leoto, wa mpa wa mmalla hore o tla mo fa yona, e tle e be leruo la hae le la ditloholwana tsa hae kamora hae, leha a ne a eso ho be le ngwana.

6. Modimo wa mmolella hore ditloholo tsa hae di tla jaka lefatsheng lesele, di etswe makgoba, mme di etswe hampe ka dilemo tse makgolo a mane.

Diketso 7