Diketso 6:4-15 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

4. Haele rona, re tla nne re tiisetse thapelong, le tshebeletsong ya lentswe.

5. Polelo eo ya kgahlisa barutuwa bohle, mme ba kgetha Setefane, monna ya tletseng tumelo le Moya o Halalelang, le Filipi, le Prokore, le Nikanore, le Timone, le Parmena, le Nikola, moporoselite wa Antioke.

6. Ba ba emisa pela baapostola; mme bao, hobane ba rapele, ba ba bea matsoho.

7. Lentswe la Modimo le ne le ntse le tswela pele; mme barutuwa ba ne ba anafala haholo Jerusalema, ha ba ha dumela le baprista ba bangata.

8. Setefane o ne a tletse tumelo le matla, mme o ne a etsa mehlolo le meeka e mengata hara setjhaba.

9. Empa ba bang ba sinagoge e bitswang ya Batlamolohi, le ba ya ba Sirene, le ba ya ba Aleksandria, le ba ya ba Silisia, le ba ya ba Asia, ba ema, ba fetolana le Setefane.

10. Ba mpa ba sitwa ho hanyetsa bohlale ba hae le Moya oo a buang ka wona.

11. Yaba moo ba hlohlelletsang banna ba bang hore ba tle ba re: Re mo utlwile a bolela ditaba tse nyefolang Moshe le Modimo.

12. Ba ferekanya setjhaba le baholo le bangodi; ba ba ba mo wela sehloho, ba mo tshwara, ba mo isa kgotla.

13. Ba hlahisa dipaki tse leshano, tse reng: Motho enwa ha a lese ho bolela ditaba tse nyefolang nqalo ena e halalelang le molao;

14. hobane re mo utlwile a bolela hore Jesu eo wa Nasaretha o tla fedisa nqalo ena, a fetole le mekgwa eo re e neilweng ke Moshe.

15. Mme bohle ba dutseng kgotla ha ba mo hlaba ka mahlo, ba bona sefahleho sa hae se le jwaloka sefahleho sa lengeloi.

Diketso 6