1. Mehleng eo, ha barutuwa ba se ba atile haholo, Bajuda ba Bagerike ba korotla ka Bajuda ba Baheberu, ka ho re, basadi ba bahlolohadi ba bona ha ba hlokomelwe phepong ya letsatsi le leng le le leng.
2. Yaba ba leshome le metso e mmedi ba bitsa barutuwa bohle, ba re: Ha ho a tshwanela hore re lese ho bolela lentswe la Modimo ka baka la ho aba dijo ditafoleng.
3. Ha ho le jwalo, lona banababo rona, a le ke le kgetheng banna ba supileng hara lona, e leng ba tshepjwang, ba tletseng Moya o Halalelang le hlalefo, bao re ka ba beang tshebeletsong eo.