Diketso 5:8-21 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

8. Petrose a mmotsa, a re: Ako mpolelle hore na le rekile ka tshimo ho le hokalo na? A re: E, ho hokalo.

9. Petrose a re ho yena: Le dumellane jwang ho leka Moya wa Morena na? Bona, maoto a ba epetseng monna wa hao e se e le ao monyako, mme le wena ba se ba tla o nka.

10. Yaba o se a wela maotong a hae, a eshwa. Bahlankana, eitse ha ba kena, ba mo fumana a se a shwele, mme ba ya mo epela ho monna wa hae.

11. Mme tshabo e kgolo ya tshwara kereke kaofela le bohle ba utlwileng taba tseo.

12. Mehlolo e mengata le meeka e mengata e ne e etswa hara setjhaba ka matsoho a baapostola; mme bohle ba ne ba phuthehela mathuleng a Salomone, ba le pelo e le nngwe.

13. Ho ne ho se motho wa ba bang ya betang pelo ho kopana le bona; empa setjhaba sona se ne se ba rorisa haholo.

14. Bongata jwa ba dumetseng ho Morena bo ne bo ntse bo ekeletswa ka banna le ka basadi;

15. ha ba ha tliswa ba kulang diterateng, ba bewa malaong le diphateng, hore, etlere Petrose ha a feta, ba bang hara bona ba mpe ba sirelwe ke seriti sa hae.

16. Le batho ba metse e kamathoko ba ne ba etla Jerusalema ka bongata, ba tlisa ba kulang le ba tshwenngwang ke meya e ditshila; mme ba ne ba fodiswa bohle.

17. Yaba moprista e moholo o a ema, le bohle ba nang le yena, e leng ba thuto ya basadusi, ba tletse mona;

18. ba tshwara baapostola, ba ba kenya teronkong ya motse.

19. Empa lengeloi la Morena la bula menyako ya teronko bosiu, la ba ntsha, la re:

20. Eyang, le eme tempeleng, le bolelle setjhaba ditaba tsohle tsa bophelo bona.

21. Yare ha ba utlwa tseo, ba kena tempeleng ha bo esa, ba ruta.Empa moprista e moholo le ba nang le yena ba fihla, ba phutha lekgotla le baholo bohle ba bana ba Iseraele; yaba ba romela teronkong ho ya lata baapostola.

Diketso 5