4. Ha ke re, tshimo leha e be e ituletse, e ne e le ya hao? mme leha o ne o rekile ka yona, theko ya yona e ne e sa ntse e le ya hao na? Ho ile kang ha o hopotse taba eo pelong ya hao? Leshano leo ha o a le etsa ho batho, empa o le entse ho Modimo.
5. Yare ha Ananiase a utlwa mantswe ao, a wela fatshe, a shwa; mme bohle ba utlwileng taba tseo, ba tshwarwa ke tshabo e kgolo.
6. Jwale, bahlankana ba ema, ba mo phuthela, mme ba ya mo epela.
7. Ha ho fetile dihora tse batlileng ho ba tharo, mosadi wa hae le yena a kena, a sa tsebe se hlahileng.
8. Petrose a mmotsa, a re: Ako mpolelle hore na le rekile ka tshimo ho le hokalo na? A re: E, ho hokalo.
9. Petrose a re ho yena: Le dumellane jwang ho leka Moya wa Morena na? Bona, maoto a ba epetseng monna wa hao e se e le ao monyako, mme le wena ba se ba tla o nka.
10. Yaba o se a wela maotong a hae, a eshwa. Bahlankana, eitse ha ba kena, ba mo fumana a se a shwele, mme ba ya mo epela ho monna wa hae.
11. Mme tshabo e kgolo ya tshwara kereke kaofela le bohle ba utlwileng taba tseo.
12. Mehlolo e mengata le meeka e mengata e ne e etswa hara setjhaba ka matsoho a baapostola; mme bohle ba ne ba phuthehela mathuleng a Salomone, ba le pelo e le nngwe.
13. Ho ne ho se motho wa ba bang ya betang pelo ho kopana le bona; empa setjhaba sona se ne se ba rorisa haholo.
14. Bongata jwa ba dumetseng ho Morena bo ne bo ntse bo ekeletswa ka banna le ka basadi;