27. Eitse hobane ba ba tlise, ba ba emisa hara lekgotla, mme moprista e moholo a ba botsa,
28. a re: Na ha re a ka ra le laela haholoholo, hore le se ke la ruta ka lebitso leo na? Athe, bonang, le tlatsitse Jerusalema ka thuto ya lona, mme le rata ho tlisa madi a motho eo hodima rona.
29. Empa Petrose le baapostola ba bang ba araba, ba re: E ka kgona re utlwe Modimo ho ena le batho.
30. Modimo wa bontata rona o tsositse Jesu, eo le mmolaileng ka ho mo fanyeha sefateng.
31. Modimo o mo phahamiseditse letsohong le letona la wona, hore e be yena Morena le Mmoloki ya neang Iseraele pako le tshwarelo ya dibe.
32. Rona, re dipaki tsa hae ditabeng tseo, rona le Moya o Halalelang oo Modimo o o neileng ba o utlwang.
33. Yare ha ba lekgotla ba utlwa tseo, ba tlalwa ke dipelo, mme ba ne ba rata ho ba bolaya.
34. Empa mofarisi e mong, ya bitswang Gamaliele, moruti wa molao ya roriswang ke setjhaba kaofela, a ema hara lekgotla, a laela hore baapostola ba ntshetswe ntle motsotswana o se okae.
35. A ba a bua, a re: Bana ba Iseraele, iponeleng bakeng sa batho bao hore na le tla etsa eng.
36. Hobane kgajana ho ile ha hlaha Theudase, a ipolela hore ke motho e moholo; a latelwa ke batho ba batlileng ho ba makgolo a mane; a mpa a bolawa; mme bohle ba kgotsweng ke yena ba fatakanngwa, ba fela.
37. Kamora eo, ha hlaha Judase wa Galelea, mehleng eo batho ba neng ba ngolwa ka yona, a ba a ikgulela batho ba bangata; empa le yena a timela, mme bohle ba neng ba mo utlwa ba fatakanngwa.
38. Jwale, ke re ho lona: Kgaohanang le batho bao, le ba tlohele; hobane ha ekaba morero oo, kapa mosebetsi oo ke o tswang ho batho, o tla fela.
39. Empa haeba o tswa ho Modimo, le ke ke la ba la o fedisa; mme le iponele, esere mohlomong la fumanwa le lwantshitse Modimo.
40. Ba mo dumela: eitse hobane ba bitse baapostola, ba ba shapa, ba ba laela hore ba se ke ba boela ba ruta ka lebitso la Jesu; ba ntoo ba lokolla.
41. Baapostola ba tloha kgotla, ba thabile kahobane ba entswe ba tshwanelwang ke ho hlabiswa dihlong ka baka la lebitso la Jesu.
42. Ha ba ka ba phetsa ka matsatsi wohle ho ruta le ho bolela tempeleng le ka matlung, hore Jesu ke Kreste.