Diketso 5:17-30 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

17. Yaba moprista e moholo o a ema, le bohle ba nang le yena, e leng ba thuto ya basadusi, ba tletse mona;

18. ba tshwara baapostola, ba ba kenya teronkong ya motse.

19. Empa lengeloi la Morena la bula menyako ya teronko bosiu, la ba ntsha, la re:

20. Eyang, le eme tempeleng, le bolelle setjhaba ditaba tsohle tsa bophelo bona.

21. Yare ha ba utlwa tseo, ba kena tempeleng ha bo esa, ba ruta.Empa moprista e moholo le ba nang le yena ba fihla, ba phutha lekgotla le baholo bohle ba bana ba Iseraele; yaba ba romela teronkong ho ya lata baapostola.

22. Empa bahlanka hobane ba fihle teronkong, ba fumana ba le siyo; ba kgutla, ba bolela,

23. ba re: Re fihletse teronko e kwetswe hantle, le balebedi ba eme pela menyako; empa hobane re bule, ha re a ka ra fumana motho ka teng.

24. Moprista e moholo, le molebedi wa tempele, le baprista ba baholo, yare ha ba utlwa dipolelo tseo, ba makala ke bona, ba re: Taba eo e tla fella kae?

25. Ke ha ho fihla e mong, a ba tsebisa, a re: Banna bao le ba kentseng teronkong, ke bane, ba eme tempeleng, ba ruta setjhaba.

26. Yaba molebedi wa tempele le bahlanka ba lekgotla ba ya, ba ba tlisa, empa e seng ka matla, kahobane ba ne ba tshaba ho tlepetswa ka majwe ke setjhaba.

27. Eitse hobane ba ba tlise, ba ba emisa hara lekgotla, mme moprista e moholo a ba botsa,

28. a re: Na ha re a ka ra le laela haholoholo, hore le se ke la ruta ka lebitso leo na? Athe, bonang, le tlatsitse Jerusalema ka thuto ya lona, mme le rata ho tlisa madi a motho eo hodima rona.

29. Empa Petrose le baapostola ba bang ba araba, ba re: E ka kgona re utlwe Modimo ho ena le batho.

30. Modimo wa bontata rona o tsositse Jesu, eo le mmolaileng ka ho mo fanyeha sefateng.

Diketso 5