Diketso 5:1-11 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

1. Empa monna e mong ya bitswang Ananiase, a ena le Safira, mosadi wa hae, a rekisa ka tshimo.

2. A ikarolela theko ya yona ka nqa e nngwe, ba dumellane le mosadi wa hae, mme se setseng a se tlisa, a se bea maotong a baapostola.

3. Empa Petrose a re: Ananiase, na Satane o hapile pelo ya hao jwang, hore o etse leshano ho Moya o Halalelang, le ho ikarolela theko ya tshimo ka nqa e nngwe na?

4. Ha ke re, tshimo leha e be e ituletse, e ne e le ya hao? mme leha o ne o rekile ka yona, theko ya yona e ne e sa ntse e le ya hao na? Ho ile kang ha o hopotse taba eo pelong ya hao? Leshano leo ha o a le etsa ho batho, empa o le entse ho Modimo.

5. Yare ha Ananiase a utlwa mantswe ao, a wela fatshe, a shwa; mme bohle ba utlwileng taba tseo, ba tshwarwa ke tshabo e kgolo.

6. Jwale, bahlankana ba ema, ba mo phuthela, mme ba ya mo epela.

7. Ha ho fetile dihora tse batlileng ho ba tharo, mosadi wa hae le yena a kena, a sa tsebe se hlahileng.

8. Petrose a mmotsa, a re: Ako mpolelle hore na le rekile ka tshimo ho le hokalo na? A re: E, ho hokalo.

9. Petrose a re ho yena: Le dumellane jwang ho leka Moya wa Morena na? Bona, maoto a ba epetseng monna wa hao e se e le ao monyako, mme le wena ba se ba tla o nka.

10. Yaba o se a wela maotong a hae, a eshwa. Bahlankana, eitse ha ba kena, ba mo fumana a se a shwele, mme ba ya mo epela ho monna wa hae.

11. Mme tshabo e kgolo ya tshwara kereke kaofela le bohle ba utlwileng taba tseo.

Diketso 5