4. Leha ho le jwalo, ba bangata ho ba utlwileng lentswe ba dumela; ha ba balwa, ya batla e eba banna ba kete tse hlano.
5. Yare hosasane, marena le baholo le bangodi ba bokana hona Jerusalema,
6. ba ena le Anna, moprista e moholo, le Kaiafa, le Johanne, le Aleksandere, le bohle bao e leng ba mofuta wa boprista ba boholo.
7. Eitse hobane ba emise baapostola hara bona, ba ba botsa, ba re: Le entse hoo ka matla afe, kapa ka lebitso lefe na?
8. Yaba Petrose, a tletse Moya o Halalelang, o ba bolella, a re: Marena a setjhaba, le lona baholo ba Iseraele,
9. haele mona re botswa kajeno ketso e nngwe e molemo e entsweng ho motho wa sehole, hore ho tsejwe hore na o fodisitswe ka mokgwa o jwang,
10. ho ke ho tsejwe ke lona kaofela le ke setjhaba sohle sa Iseraele, hobane motho enwa ya emeng pela lona, o fodisitswe ka lebitso la Jesu Kreste wa Nasaretha, eo lona le mo thakgisitseng, eo Modimo o mpang o mo tsositse bafung.
11. Ke yena e leng lejwe le nyatsitsweng ke lona dihahi, le entsweng lejwe la ntlha la motheo.
12. Mme ha ho poloko ho e mong; hobane ha ho lebitso le leng tlasa lehodimo, leo batho ba le neilweng, leo re ka bolokehang ka lona.
13. Eitse ha ba bona ho tiya ha Petrose le Johanne, athe ba tseba hobane ke batho ba sa rutehang, e le batho feela, ba makala, mme ba lemoha hobane ba kile ba tsamaya le Jesu.
14. Empa, kahobane ba ne ba bona ya fodisitsweng a eme le bona, ba hloka seo ba ka arabang ka sona.
15. Eitse hobane ba ba laele hore ba ke ba tlohe kgotla, ba botsana,
16. ba re: Batho bao re tla ba etsang na? Hobane, haele hore mohlolo o bonahalang o entswe ke bona, ke taba e tsejwang ke bohle ba ahileng Jerusalema, mme re ka sitwa ho ho latola.