3. Ba ba tshwara, ba ba kenya teronkong ho fihlela hosasane; hobane e ne e se e le mantsiboya.
4. Leha ho le jwalo, ba bangata ho ba utlwileng lentswe ba dumela; ha ba balwa, ya batla e eba banna ba kete tse hlano.
5. Yare hosasane, marena le baholo le bangodi ba bokana hona Jerusalema,
6. ba ena le Anna, moprista e moholo, le Kaiafa, le Johanne, le Aleksandere, le bohle bao e leng ba mofuta wa boprista ba boholo.
7. Eitse hobane ba emise baapostola hara bona, ba ba botsa, ba re: Le entse hoo ka matla afe, kapa ka lebitso lefe na?
8. Yaba Petrose, a tletse Moya o Halalelang, o ba bolella, a re: Marena a setjhaba, le lona baholo ba Iseraele,