Diketso 4:24-37 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

24. Bao, ha ba utlwa tseo, ba phahamisetsa mantswe a bona ho Modimo ka pelo e le nngwe, ba re: Oho, Morena, ke wena Modimo o entseng lehodimo, le lefatshe, le lewatle, le tsohle tse ho wona.

25. O boletse ka molomo wa Davida, mohlanka wa hao, wa re: Na baditjhaba ba dumadumelang, mme ditjhaba di rerelang ditaba tsa lefeela?

26. Marena a lefatshe a phuthehile, le baholo ba kopane hammoho ho lwantsha Morena le Motlotsuwa wa hae.

27. Hobane efela Heroda, le Ponse Pilato, le baditjhaba, le meloko ya Iseraele e kopane hammoho ho lwantsha Jesu, mohlanka wa hao ya halalelang, eo o mo tlotsitseng;

28. le ho etsa tsohle tseo letsoho la hao le thato ya hao e di laetseng pele hore di etsahale.

29. Jwale, Morena, bona ditshokelo tsa bona, mme o nee bahlanka ba hao matla a ho bolela lentswe la hao, ba sa tshabe letho.

30. Mme o otlolle letsoho la hao ho fodisa batho, le ho etsa meeka le mehlolo ka lebitso la Jesu, mohlanka wa hao ya halalelang.

31. Eitse hobane ba rapele, nqalo eo ba phuthehetseng ho yona ya sisinyeha, mme bohle ba tlala Moya o Halalelang, mme ba bolela lentswe la Modimo ka matla.

32. Bongata bohle ba ba dumetseng bo ne bo le pelo e le nngwe le moya o le mong feela; ho ne ho se motho ya reng, dintho tseo a nang le tsona ke tsa hae, empa dintho tsa e mong le e mong ba ne ba re, ke tsa bona bohle.

33. Baapostola ba ne ba paka tsoho ya Morena Jesu Kreste ka matla a maholo, mme hlohonolofatso e kgolo e ne e dula hodima bona bohle.

34. Le hona ho ne ho se motho ya hlokang letho hara bona; hobane bohle ba neng ba ena le masimo, leha e le matlo, ba ne ba rekisa ka wona, ba tlisa theko ya tse rekilweng,

35. ba e bea maotong a baapostola; mme e mong le e mong o ne a abelwa kamoo a hlokang kateng.

36. Le yena Jose, ya reilweng Barnabase ke baapostola, e leng ho re, mora tshediso, ha ho fetolwa, e neng e le Molevi, ya tswaletsweng Sipera,

37. o ne a ena le tshimo; a rekisa ka yona, mme a tlisa theko ya yona, a e bea maotong a baapostola.

Diketso 4