Diketso 4:10-28 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

10. ho ke ho tsejwe ke lona kaofela le ke setjhaba sohle sa Iseraele, hobane motho enwa ya emeng pela lona, o fodisitswe ka lebitso la Jesu Kreste wa Nasaretha, eo lona le mo thakgisitseng, eo Modimo o mpang o mo tsositse bafung.

11. Ke yena e leng lejwe le nyatsitsweng ke lona dihahi, le entsweng lejwe la ntlha la motheo.

12. Mme ha ho poloko ho e mong; hobane ha ho lebitso le leng tlasa lehodimo, leo batho ba le neilweng, leo re ka bolokehang ka lona.

13. Eitse ha ba bona ho tiya ha Petrose le Johanne, athe ba tseba hobane ke batho ba sa rutehang, e le batho feela, ba makala, mme ba lemoha hobane ba kile ba tsamaya le Jesu.

14. Empa, kahobane ba ne ba bona ya fodisitsweng a eme le bona, ba hloka seo ba ka arabang ka sona.

15. Eitse hobane ba ba laele hore ba ke ba tlohe kgotla, ba botsana,

16. ba re: Batho bao re tla ba etsang na? Hobane, haele hore mohlolo o bonahalang o entswe ke bona, ke taba e tsejwang ke bohle ba ahileng Jerusalema, mme re ka sitwa ho ho latola.

17. Empa hore taba tseo di se ke tsa eketsa ho hosana hara batho, a re ba laeleng ka ho ba sokela hore ba se ke ba boela ba ruta motho, leha a le mong, ka lebitso leo.

18. Yaba ba boela ba ba bitsa, ba ba laela hore ba se ke ba bolela le hanyenyane, leha e le ho ruta, ka lebitso la Jesu.

19. Empa Petrose le Johanne ba ba araba, ba re: A ho ahlole lona hore na ke taba e lokileng pela Modimo ho utlwa lona ho fetisa Modimo na?

20. Hobane haele rona, ha ho kamoo re ka lesang ho bolela kateng, tseo re di boneng le tseo re di utlwileng.

21. Jwale, ba ba lokolla ba ntse ba ba sokela, ba sa bone kamoo ba ka ba otlang kateng ka baka la setjhaba; hobane bohle ba ne ba tlotlisa Modimo ka baka la se entsweng.

22. Etswe motho eo mohlolo oo wa phodiso o neng o entswe hodima hae, dilemo tsa hae di ne di se di feta mashome a mane.

23. Eitse hobane ba lokollwe, ba kgutlela ho ba habo, ba ba tsebisa tsohle tseo ba di boleletsweng ke baprista ba baholo, le ke baholo.

24. Bao, ha ba utlwa tseo, ba phahamisetsa mantswe a bona ho Modimo ka pelo e le nngwe, ba re: Oho, Morena, ke wena Modimo o entseng lehodimo, le lefatshe, le lewatle, le tsohle tse ho wona.

25. O boletse ka molomo wa Davida, mohlanka wa hao, wa re: Na baditjhaba ba dumadumelang, mme ditjhaba di rerelang ditaba tsa lefeela?

26. Marena a lefatshe a phuthehile, le baholo ba kopane hammoho ho lwantsha Morena le Motlotsuwa wa hae.

27. Hobane efela Heroda, le Ponse Pilato, le baditjhaba, le meloko ya Iseraele e kopane hammoho ho lwantsha Jesu, mohlanka wa hao ya halalelang, eo o mo tlotsitseng;

28. le ho etsa tsohle tseo letsoho la hao le thato ya hao e di laetseng pele hore di etsahale.

Diketso 4