Diketso 4:1-6 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

1. Yare ba sa bua le batho, baprista ba fihla ho bona, ba ena le molaodi wa tempele le basadusi,

2. ba ferekane dipelo ke hobane Petrose le Johanne ba ruta batho, mme ba bolela tsoho ya bafu ka ya Jesu.

3. Ba ba tshwara, ba ba kenya teronkong ho fihlela hosasane; hobane e ne e se e le mantsiboya.

4. Leha ho le jwalo, ba bangata ho ba utlwileng lentswe ba dumela; ha ba balwa, ya batla e eba banna ba kete tse hlano.

5. Yare hosasane, marena le baholo le bangodi ba bokana hona Jerusalema,

6. ba ena le Anna, moprista e moholo, le Kaiafa, le Johanne, le Aleksandere, le bohle bao e leng ba mofuta wa boprista ba boholo.

Diketso 4