3. Monna eo, eitse ha a bona Petrose le Johanne ba ya kena tempeleng, a ba rapela hore ba mo nee thuso.
4. Empa Petrose a mo hlaba ka mahlo, a ena le Johanne, a re: Re tadime.
5. Eo a ba tadimisisa, a lebella hore ba tla mo nea ho hong.
6. Yaba Petrose o re: Ha ke na silefera le kgauta; empa seo ke nang le sona, ke o fa sona: Ka lebitso la Jesu wa Nasaretha, ema, o tsamaye.
7. A ntoo mo tshwara ka letsoho le letona, a mo emisa, mme maoto le maqaqailane a hae a hla a tiya kapele.
8. A tlolela hodimo, a ema, a tsamaya; a ba a kena tempeleng le bona, a ntse a tsamaya, a tlola, a boka Modimo.
9. Batho kaofela ba mmona a tsamaya, a boka Modimo.
10. Ba mo tseba hore ke yena ya neng a dulela thuso monyakong o Motle wa tempele; mme ba tlala ho babatsa le ho makala ka se entsweng ho yena.
11. Mme kahobane seritsa se fodisitsweng se ne se tshwere Petrose le Johanne ka letsoho, batho kaofela hammoho ba ba mathela mathuleng a bitswang a Salomone, ba maketse haholo.
12. Petrose ha a bona hoo, a bolella setjhaba, a re: Banna ba Iseraele, le tsotelang taba eo? Le re hlabelang ka mahlo, jwaloka eka ke ka matla a rona, kapa ka borapedi ba rona re tsamaisitseng motho eo?
13. Modimo wa Abrahama, wa Isaaka, le wa Jakobo, Modimo wa bontata rona, o tlotlisitse mohlanka wa wona Jesu, eo le mo neetseng Pilato, la mo latola pela hae, leha yena a ne a ahlotse ho mo lokolla.
14. Le latotse Ya halalelang, Ya lokileng, mme le qetse hore le sitswe ka mmolai.
15. Le bile le bolaile Monga bophelo; empa Modimo o mo tsositse bafung, mme rona, re dipaki tsa taba eo.