17. Mme jwale, bana ba Ntate, ke a tseba hobane le entse hoo ka baka la ho se tsebe, le wona marena a lona.
18. Empa Modimo o phethile jwalo ditaba tseo o neng o di boletse pele ka melomo ya baporofeta bohle ba wona, hore Kreste o tla utlwiswa bohloko.
19. Bakang ke hona, mme le sokolohe, dibe tsa lona di tle di hlakolwe,
20. hore ho tle ho be ho fihle mehla ya kgatholoho ka ponahalo ya Morena, mme a rome Jesu Kreste, ya boletsweng pele ho lona,
21. eo lehodimo le tshwanetseng ho ba le yena ho be ho fihle mehla ya tokiso ya dintho tsohle, eo Modimo o e boletseng ka melomo ya baporofeta ba halalelang ba wona bohle, haesale le tshimolohong.
22. Hobane Moshe o fela a boleletse bontata rona, a re: Morena, Modimo wa lona, o tla le hlahisetsa moporofeta hara banababo lona, ya jwaloka nna; le mo utlwe ditabeng tsohle tseo a tla le bolella tsona.
23. Mme e mong le e mong ya hanang ho utlwa moporofeta eo, o tla tloswa hara setjhaba.
24. Le hona baporofeta kaofela, ho qala ka Samuele, le ba mo hlahlamileng, bohle ba buileng ba porofetile mehla ena.
25. Ke lona le leng bana ba baporofeta le ba selekane seo Modimo o se hlabileng le bontata rona, wa re ho Abrahama: Ditjhaba tsohle tsa lefatshe di tla hlohonolofalla lelokong la hao.
26. Ke lona bao Modimo o qadileng ka lona ho le hlahisetsa mohlanka wa wona Jesu, wa mo roma ho tla le hlohonolofatsa, ka ho sokolla e mong le e mong wa lona bobeng ba hae.