1. Petrose le Johanne ba ne ba nyolohela hammoho tempeleng ka hora ya thapelo, e leng ya boroba mono o le mong.
2. Monna e mong, eo e neng e bile seritsa haesale a etswa popelong ya mmae, o ne a nne a jarwe, a bewe ka matsatsi wohle monyako wa tempele, o reilweng o Motle, a tle a kope thuso ho ba kenang tempeleng.
3. Monna eo, eitse ha a bona Petrose le Johanne ba ya kena tempeleng, a ba rapela hore ba mo nee thuso.
4. Empa Petrose a mo hlaba ka mahlo, a ena le Johanne, a re: Re tadime.
5. Eo a ba tadimisisa, a lebella hore ba tla mo nea ho hong.
6. Yaba Petrose o re: Ha ke na silefera le kgauta; empa seo ke nang le sona, ke o fa sona: Ka lebitso la Jesu wa Nasaretha, ema, o tsamaye.
7. A ntoo mo tshwara ka letsoho le letona, a mo emisa, mme maoto le maqaqailane a hae a hla a tiya kapele.
8. A tlolela hodimo, a ema, a tsamaya; a ba a kena tempeleng le bona, a ntse a tsamaya, a tlola, a boka Modimo.
9. Batho kaofela ba mmona a tsamaya, a boka Modimo.
10. Ba mo tseba hore ke yena ya neng a dulela thuso monyakong o Motle wa tempele; mme ba tlala ho babatsa le ho makala ka se entsweng ho yena.