4. Babarebare ha ba bona noha eo e leketla letsohong la hae, ba bolellana, ba re: Ruri motho enwa ke mmolai; hobane, leha a pholohile metsing, tefetso ya lehodimo e hana hoba a ka phela.
5. Empa Pauluse a hlohlorela noha mollong, e se ke ya mo etsa letho.
6. Kanthe ba ne ba lebeletse hore o tla ruruha, leha e le ho wa kapele a shwele; empa yare ha ba lebeletse haholo, mme ba bone hoba ha a jewe ke letho, ba fetoha, ba re: Ke modimo.
7. Mabapa le moo, ho ne ho le naha ya moholo wa sehlekehleke, ya bitswang Publiuse; le yena a re amohela hantle, a re nkela tlung ya hae ka matsatsi a mararo.
8. Ntata Publiuse o ne a robetse fatshe, a jewa ke febere le ke ho tsholla. Pauluse a mo tjhakela, mme hobane a rapele, a mmea matsoho hodimo, a mo fodisa.
9. Tseo ha di le jwalo, bohle ba sehlekehlekeng ba kulang ba tla, mme ba fodiswa.
10. Ba re hlonepha ka hlompho e kgolo, mme mohla re tlohang, ba re baballa ka tseo re di hlokang.
11. Kgwedi tse tharo ha di fetile, ra tsamaya ka sekepe sa Aleksandria, se neng se hlotse mariha sehlekehlekeng seo, se ena le setshwantsho sa Kastore le Polukse.
12. Eitse ha re fihla Sirakuse, ra hlola matsatsi a mararo teng.
13. Ha re tswa teng, ra sika le lebopo, ra ba ra fihla Regio; hosasane, moya wa borwa wa foka, mme ra fihla Puseole ka tshiu tse pedi.
14. Teng, ra fihlela baena, mme ra rapelwa ho hlola matsatsi a supileng le bona; ra ntoo leba Roma.
15. Le teng, baena ha ba utlwa taba tsa rona, ba tla re kgahlanyetsa Lepatlelong la Apiuse le moo ho thweng ke Matlung a phapohelo a mararo; yare ha Pauluse a ba bona, a leboha Modimo, a beta pelo.