Diketso 28:24-30 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

24. Ba bang ba dumela se bolelwang, ba bang ba mpa ba se ke ba dumela.

25. Hobane ba fapane ba tloha, Pauluse a ba boleletse taba ena e le nngwe, a re: Moya o Halalelang o boletse hantle ka molomo wa moporofeta Esaia ho bontata rona,

26. wa re: Eya ho setjhaba seo, o re ho sona: Haele ho utlwa, le tla utlwa, mme le ke ke la utlwisisa; haele ho bona, le tla bona, mme le ke ke la bontshisa.

27. Hobane pelo ya setjhaba seo e nonne, ditsebe tsa sona di thata ho utlwa, se tutubaditse mahlo a sona; se tle se se ke sa bona ka mahlo, sa utlwa ka ditsebe, sa utlwisisa ka pelo, sa baka, mme ke tle ke se ke ka se fodisa.

28. Tsebang jwale hore poloko eo ya Modimo e romelwa ditjhabeng, mme di tla e utlwa.

29. Mme eitse hobane a ba bolelle jwalo, Bajuda ba ikela, kgang e kgolo e le teng hara bona.

30. Pauluse a hlola dilemo tse pedi ka tlung eo a e adimileng, a ntse a amohela bohle ba tlang ho yena.

Diketso 28