18. Bao, hobane ba mpotse, ba ne ba rata ho ntokolla, kahobane ho ne ho se molato ho nna o tshwanelang lefu.
19. Empa Bajuda ha ba hana, ka ipea ho Sesare ka tsietsi eo, e seng kahobane ke na le seo nka qosang setjhaba sa heso ka sona.
20. Ke ka baka leo ke le bitsitseng ho le bona le ho bua le lona; hobane ke tlamilwe ka lehlaahlela lena ka baka la tshepo ya Iseraele.
21. Ba re ho yena: Ha re eso ho bone mangolo a tswang Judea, a bolelang taba tsa hao, leha e le ho banababo rona ha ho e mong ya tlileng a re bolella, leha e le ya hlahisitseng taba e mpe hodima hao.
22. Leha ho le jwalo, re tshwanetse ho utlwa ho wena tseo o di hopotseng; hobane haele thuto eo, re a tseba hore e hanwa kahohle.
23. Eitse hobane ba mmeele letsatsi, ba tla ho yena ba le bangata moo a dutseng teng, mme a ba bolella, a paka tsa mmuso wa Modimo ho bona, a leka ho ba kgodisa bakeng sa Jesu, a isa ka molao wa Moshe le baporofeta, a qala hosasa ho fihlela mantsiboya.
24. Ba bang ba dumela se bolelwang, ba bang ba mpa ba se ke ba dumela.
25. Hobane ba fapane ba tloha, Pauluse a ba boleletse taba ena e le nngwe, a re: Moya o Halalelang o boletse hantle ka molomo wa moporofeta Esaia ho bontata rona,
26. wa re: Eya ho setjhaba seo, o re ho sona: Haele ho utlwa, le tla utlwa, mme le ke ke la utlwisisa; haele ho bona, le tla bona, mme le ke ke la bontshisa.
27. Hobane pelo ya setjhaba seo e nonne, ditsebe tsa sona di thata ho utlwa, se tutubaditse mahlo a sona; se tle se se ke sa bona ka mahlo, sa utlwa ka ditsebe, sa utlwisisa ka pelo, sa baka, mme ke tle ke se ke ka se fodisa.