Diketso 28:12-24 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

12. Eitse ha re fihla Sirakuse, ra hlola matsatsi a mararo teng.

13. Ha re tswa teng, ra sika le lebopo, ra ba ra fihla Regio; hosasane, moya wa borwa wa foka, mme ra fihla Puseole ka tshiu tse pedi.

14. Teng, ra fihlela baena, mme ra rapelwa ho hlola matsatsi a supileng le bona; ra ntoo leba Roma.

15. Le teng, baena ha ba utlwa taba tsa rona, ba tla re kgahlanyetsa Lepatlelong la Apiuse le moo ho thweng ke Matlung a phapohelo a mararo; yare ha Pauluse a ba bona, a leboha Modimo, a beta pelo.

16. Mohla re fihlang Roma, molaodi wa lekholo a neela batlamuwa matsohong a molaodi wa bahlabani; Pauluse yena a leselwa, a dula a nnotshi le mohlabani ya mo lebelang.

17. Kamora matsatsi a mararo, Pauluse a mema bao e leng ba baholo hara Bajuda ba teng. Eitse ha ba phuthehile, a re ho bona: Banna ba heso, leha ke sa ka ka etsa letho ho sitelwa setjhaba leha e le mekgwa ya bontata rona ka lona, ke ile ka tlangwa Jerusalema, ka ba ka neelwa matsohong a Baroma.

18. Bao, hobane ba mpotse, ba ne ba rata ho ntokolla, kahobane ho ne ho se molato ho nna o tshwanelang lefu.

19. Empa Bajuda ha ba hana, ka ipea ho Sesare ka tsietsi eo, e seng kahobane ke na le seo nka qosang setjhaba sa heso ka sona.

20. Ke ka baka leo ke le bitsitseng ho le bona le ho bua le lona; hobane ke tlamilwe ka lehlaahlela lena ka baka la tshepo ya Iseraele.

21. Ba re ho yena: Ha re eso ho bone mangolo a tswang Judea, a bolelang taba tsa hao, leha e le ho banababo rona ha ho e mong ya tlileng a re bolella, leha e le ya hlahisitseng taba e mpe hodima hao.

22. Leha ho le jwalo, re tshwanetse ho utlwa ho wena tseo o di hopotseng; hobane haele thuto eo, re a tseba hore e hanwa kahohle.

23. Eitse hobane ba mmeele letsatsi, ba tla ho yena ba le bangata moo a dutseng teng, mme a ba bolella, a paka tsa mmuso wa Modimo ho bona, a leka ho ba kgodisa bakeng sa Jesu, a isa ka molao wa Moshe le baporofeta, a qala hosasa ho fihlela mantsiboya.

24. Ba bang ba dumela se bolelwang, ba bang ba mpa ba se ke ba dumela.

Diketso 28