1. Yare hobane ba pholohe jwalo, ba fihlela hoba sehlekehleke seo se bitswa Melita.
2. Babarebare ba teng ba re etsa ka mohau o moholo; hobane ba re amohela bohle, ba ba ba re besetsa mollo o moholo ka baka la pula e neng e ena, le ka baka la serame.
3. Empa Pauluse, hobane a rwalle ditjhatjhana tsa dithupana tsa morara, a di akgela mollong; yaba noha e tswa teng ka baka la ho futhumala, ya kgomarela letsoho la hae.
4. Babarebare ha ba bona noha eo e leketla letsohong la hae, ba bolellana, ba re: Ruri motho enwa ke mmolai; hobane, leha a pholohile metsing, tefetso ya lehodimo e hana hoba a ka phela.
5. Empa Pauluse a hlohlorela noha mollong, e se ke ya mo etsa letho.
6. Kanthe ba ne ba lebeletse hore o tla ruruha, leha e le ho wa kapele a shwele; empa yare ha ba lebeletse haholo, mme ba bone hoba ha a jewe ke letho, ba fetoha, ba re: Ke modimo.
7. Mabapa le moo, ho ne ho le naha ya moholo wa sehlekehleke, ya bitswang Publiuse; le yena a re amohela hantle, a re nkela tlung ya hae ka matsatsi a mararo.
8. Ntata Publiuse o ne a robetse fatshe, a jewa ke febere le ke ho tsholla. Pauluse a mo tjhakela, mme hobane a rapele, a mmea matsoho hodimo, a mo fodisa.
9. Tseo ha di le jwalo, bohle ba sehlekehlekeng ba kulang ba tla, mme ba fodiswa.
10. Ba re hlonepha ka hlompho e kgolo, mme mohla re tlohang, ba re baballa ka tseo re di hlokang.