Diketso 27:25-44 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

25. Banna, betang dipelo ke hona; hobane ke fela ke kgolwa hoba Modimo o tla etsa kamoo o mpoleletseng kateng.

26. Empa e ka kgona re lahlelwe sehlekehlekeng se seng.

27. Eitse ka bosiu ba leshome le metso e mene, ha re iswa mane le mane lewatleng la Adria, bohareng ba bosiu, beng ba sekepe ba lekanya hoba ba atametse lefatshe le leng.

28. Ha ba hlohlotsa bodiba ba metsi, ba fihlela ditekanyo tsa boahlamo ba matsoho tse mashome a mabedi; kapejana, ba boela ba hlohlotsa, mme ba fihlela ditekanyo tsa boahlamo ba matsoho tse leshome le metso e mehlano.

29. Mme kahobane ba ne ba tshaba hoba mohlomong re ka hohlomela mafikeng, ba dihela diankora tse nne ka maraong a sekepe, se tle se eme, mme ba lebella bosiu ho sa.

30. Empa batsamaisi ba sekepe ba batla ho thoba sekepeng, ba theosetsa sekepana lewatleng, ba etsa jwaloka hoja ba rata ho dihela diankora ka nqa sefubeng sa sekepe.

31. Yaba Pauluse o re ho molaodi wa lekgolo le ho bahlabani: Ekare ha bao ba sa dule sekepeng, le ke ke la pholoha.

32. Yaba bahlabani ba kgaola mehala ya sekepana, ba se lesa, sa wa.

33. Yare ha bo tla sa, Pauluse a ba kgothatsa kaofela ho ja dijo, a re: Kajeno ke letsatsi la leshome le metso e mene le lebeletse le ntse le itima dijo, le sa je letho.

34. Ke a le kgothatsa, ke re, le je dijo; ke hona ho le tshwanelang hore le bolokehe; hobane ha ho le a mong ho lona ya tla lahlehelwa ke qoba leha e le nngwe ya moriri wa hlooho ya hae.

35. Yare hobane a rialo, a nka bohobe, a leboha Modimo pontsheng ya bona bohle, mme ha a bo ngwathile, a qala ho ja.

36. Mme bohle ba beta dipelo, ba eja dijo le bona.

37. Ha ho balwa bohle ba neng ba le ka sekepeng, re ne re le batho ba makgolo a mabedi a nang le mashome a supileng a metso e tsheletseng.

38. Eitse hobane ba kgore dijo, ba fokotsa sekepe ka ho lahlela koro lewatleng.

39. Yare hobane ho se, ba ne ba sa tsebe lefatshe hobane ke lefe; empa ha ba tadima, ba bona kou e nang le lehlabathe, mme ba rata ho isa sekepe teng, ha ho ka etswa.

40. Yare ha ba kgaotse diankora, ba di siya lewatleng, ba ba ba lokolla mamati a kgannang sekepe; ba ntoo emisa lepheo la artimone, ba tshelela nqa lebopong.

41. Ra mpa ra wela hlwahlwaneng e nang le lewatle ka nqa tse pedi, sekepe sa ba sa tshepama teng; sefuba sa sona sa tebela fatshe, sa ba sa tiya, mme lesaho la sona la robeha ke matla a maqhubu.

42. Jwale, bahlabani ba rata ba ka bolaya batlamuwa, e se be mohlomong ba bang ba ka thoba ka ho sesa.

43. Empa molaodi wa lekgolo, kahobane a ne a rata ho pholosa Pauluse, a ba thibela, mme a laela hore ba tsebang ho hlapa ba itihele pele, ba hlapele fatshe,

44. ba bang ba ithuse ka mamati, ba bang ka difate tse ding tsa sekepe; ka mokgwa oo, bohle ba fihla fatshe, ba pholoha.

Diketso 27