Diketso 27:10-25 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

10. a re ho bona: Banna, ke a bona hobane leeto lena la sekepe le tla ba le tshenyeho le tahleho e kgolo, e seng ya phahlo le ya sekepe feela, empa e le le ya ho phela ha rona.

11. Empa molaodi wa lekgolo a dumela motsamaisi wa sekepe le monga sona ho feta se bolelwang ke Pauluse.

12. Mme kahobane sekepe se ne se sa tshwanela ho dula koung eo mariha, ba bangata ba phehella ho tloha teng le ho leka ho ya hlola mariha Fenikse, e leng kou ya Kreta, e lebaneng le moya wa bophirimela ba borwa le wa bophirimela ba leboya.

13. Jwale, moya wa borwa ha o qala ho foka butle, ba lekanya hobane ba se ba bone seo ba se pheheletseng, mme ba tloha, ba sika le Kreta.

14. Empa ho se hokae, ha tsoha teng moya wa sefefo, o bitswang Euroklidone.

15. Mme kahobane sekepe se ne se nkilwe ke moya, se sitwa ho o tadima, ra se lesa sa ya le wona.

16. Eitse hoba re kgannelwe tlasa sehlekehleke se seng se bitswang Klauda, ra batla re sitwa ho hulela sekepana ho rona.

17. Eitse hobane ba se hule, ba eketsa ka ho thusa ka ho hong, ba tlama sekepe katlase; mme kahobane ba ne ba tshaba ho kgarameletswa Sirte, ba kokobetsa masela, ba ineela moya jwalo.

18. Hosasane, ha re ntse re tsokotswa hampe ke sefefo, ba qala ho lahlela diphahlo lewatleng.

19. Ka la boraro, ra lahlela mesebetsi ya sekepe lewatleng ka matsoho a rona.

20. Mme kahobane letsatsi le se le sa bonahale ka ditshiu tse ngata, leha e le dinaledi, le hobane sefefo le sona se ne se ntse se befile, ra lahlehelwa ke tshepo yohle ya ho pholoha.

21. Erekaha e ne e se e le kgale ho sa jewe, Pauluse a ema hara bona, a re: Efela, banna, hoja la ntumela, le se ke la tloha Kreta, tshenyeho le tahleho ena e ka be e sa ka ya hlaha.

22. Empa jwale, ke a le kgothatsa hore le bete dipelo; hobane ha ho e mong hara lona ya tla lahlehelwa ke bophelo ba hae, ke sekepe feela se tla timela.

23. Hobane lengeloi la Modimo, oo ke leng wa wona, oo ke o sebeletsang, le itlhahisitse ho nna bosiung bona,

24. la re: Pauluse, o se ke wa tshaba; e ka kgona o hlahe pela Sesare, mme bona, Modimo o o neile bohle ba etang le wena sekepeng sena.

25. Banna, betang dipelo ke hona; hobane ke fela ke kgolwa hoba Modimo o tla etsa kamoo o mpoleletseng kateng.

Diketso 27