Diketso 27:1-10 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

1. Eitse hobane ho laelwe hore re ye Italia ka sekepe, ba neela Pauluse le batlamuwa ba bang ho molaodi e mong wa lekgolo, ya bitswang Juliuse, wa lekgotla la Augusto.

2. Ra kena sekepeng sa Adramite, se neng se tla leba nqa mabopong a Asia, ra tloha, re ena le Aristarke wa Thesalonika, motse wa Masedonia.

3. Hosasane, ra fihla Sidone, mme Juliuse a etsa Pauluse hantle, a mo dumella ho ya bona metswalle ya hae, hore a baballwe ke yona.

4. Yare ha re tlohile teng, ra sika le sehlekehleke sa Sipera, kahobane sekepe se ne se hanelwa ke moya.

5. Eitse hobane re tshele lewatle la Silisia le la Pamfilia, ra fihla Mira, e leng motse wa Lisia.

6. Molaodi wa lekgolo a fihlela teng sekepe sa Aleksandria se yang Italia, mme a re kenya ho sona.

7. Hobane re tsamaye ka ho nokoloha ka matsatsi a mangatanyana, ra fihla kathata mabapa le Genida, mme ra pota Kreta ka tlase, ka nqa Salmone, kahobane moya o ne o re thibela.

8. Eitse ha re ntse re sika le lebopo kathata, ra fihla moo lebitso la teng e leng Kou-e-ntle, haufi le motse wa Lasea.

9. Jwale, kahobane matsatsi a mangata a ne a se a fetile, le ho tsamaya lewatleng ho se ho tshabeha, etswe kgwedi ya ho itima dijo e ne e se e shwele, Pauluse a ba eletsa,

10. a re ho bona: Banna, ke a bona hobane leeto lena la sekepe le tla ba le tshenyeho le tahleho e kgolo, e seng ya phahlo le ya sekepe feela, empa e le le ya ho phela ha rona.

Diketso 27