7. eo meloko ya rona e leshome le metso e mmedi e lebeletseng ho etsahala ha yona, e ntse e sebeletsa Modimo, bosiu le motshehare; ke ka baka la tshepo eo, morena Agripa, ke qoswang ke Bajuda.
8. Hleka le re, ke ntho e ke keng ya ba ya dumeleha ho rona, hoba Modimo o tsosa bafu na?
9. Haele nna, efela ke ne ke lekantse hore ke tshwanetse ho etsa ho hongata ho lwantsha lebitso la Jesu wa Nasaretha ka hona.
10. Ka fela ka etsa jwalo Jerusalema, ka kwalla bahalaledi ba bangata teronkong, ka matla ao ke neng ke a neilwe ke baprista ba baholo; le mohla ba neng ba bolawa, le nna ke ne ke dumela.
11. Masinagogeng wohle hangata ka ba tsohela matla, ka ba otla, ka ba qophella hore ba nyefole; mme kahobane ke ne ke ba halefetse haholoholo, ka ba hlorisa le ho isa metseng ya ditjhaba.
12. Yare ha ke ntse ke hopotse tseo, ke ya Damaseka ka matla le ka taelo ya baprista ba baholo,
13. hela! morena, e le motshehare, ha ke le tseleng, ka bona lesedi le tswang lehodimong, le fetisang la letsatsi ka ho kganya, le nteela hare le bao ke tsamayang le bona.
14. Yaba re wela fatshe kaofela, mme ka utlwa lentswe le re ho nna, ka puo ya Seheberu: Saule, Saule, o ntlhorisetsang na? Ho thata ho wena ho raha ditsenene.
15. Ka re: O mang, Morena? A re: Ke nna Jesu, eo o mo hlorisang.
16. Empa tsoha, o eme ka maoto; hobane ke itlhahisitse ho wena, hore ke tle ke o bee mohlanka le paki ya ditaba tseo o di boneng le ya tseo ke tla itsebisa ho wena ka tsona.