Diketso 26:30-32 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

30. Yare hobane a bolele taba tseo, morena a tloha, le mmusisi, le Berenise, le ba dutseng le bona.

31. Yare ha ba le kathoko, ba bolellana, ba re: Motho eo ha a ka a etsa letho le tshwanelang lefu, leha e le teronko.

32. Agripa a re ho Festuse: Motho eo a ka be a lokollwa, hoja a se ke a ipea ho Sesare.

Diketso 26