25. Pauluse a mpa a re: Ha ke hlanye, Festuse ya kgabane, empa ke bolela ditaba tsa nnete le tsa hlalefo.
26. Hobane le yena morena o a di tseba taba tseo, mme ke di bolela ho yena phatlalatsa, kahobane ke a kgolwa hore ha ho e nngwe ya tsona e mo siretseng; hobane ha ho letho tabeng tseo le entsweng sephiring.
27. Morena Agripa, na o dumela baporofeta na? Ke a tseba hobane o a ba dumela!
28. Agripa a re ho Pauluse: O batla ho ntlhola hore ke be mokreste.
29. Pauluse a re: Hoja Modimo o ka etsa, kapa haufi, kapa kgale, hore, e seng wena feela, empa le bohle ba mmamelang kajeno, le be jwaloka nna, feela e seng ka ditlamo tsena.
30. Yare hobane a bolele taba tseo, morena a tloha, le mmusisi, le Berenise, le ba dutseng le bona.