Diketso 26:12-29 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

12. Yare ha ke ntse ke hopotse tseo, ke ya Damaseka ka matla le ka taelo ya baprista ba baholo,

13. hela! morena, e le motshehare, ha ke le tseleng, ka bona lesedi le tswang lehodimong, le fetisang la letsatsi ka ho kganya, le nteela hare le bao ke tsamayang le bona.

14. Yaba re wela fatshe kaofela, mme ka utlwa lentswe le re ho nna, ka puo ya Seheberu: Saule, Saule, o ntlhorisetsang na? Ho thata ho wena ho raha ditsenene.

15. Ka re: O mang, Morena? A re: Ke nna Jesu, eo o mo hlorisang.

16. Empa tsoha, o eme ka maoto; hobane ke itlhahisitse ho wena, hore ke tle ke o bee mohlanka le paki ya ditaba tseo o di boneng le ya tseo ke tla itsebisa ho wena ka tsona.

17. Ke tla o lwela setjhabeng sena, le ditjhabeng tseo ke o romelang ho tsona jwale,

18. o tle o tutubolle mahlo a bona, hore ba tlohe lefifing ho kena leseding, ba tlohe le matleng a Satane ho sokolohela ho Modimo, mme ba bone tshwarelo ya dibe tsa bona le lefa hara bahalaledi ka ho dumela ho nna.

19. Jwale, wena morena Agripa, ha ke a ka ka hana pontsho eo ya lehodimo;

20. empa ka qala ho bolella ba Damaseka, le ba Jerusalema, le ba Judea bohle, ka ntoo bolella ditjhaba tse ding, hore bohle ba bake, ba sokolohele ho Modimo, ba ntse ba etsa mesebetsi e tshwanelang pako.

21. Ke tsona ditaba tseo Bajuda ba ntshwereng ka baka la tsona tempeleng, tseo ba batlileng ho mpolaya ka baka la tsona.

22. Empa ka hobane ke bone thuso ho Modimo, ke tiiseditse ho fihlela la kajeno ho bolella ba banyenyane le ba baholo, mme ha ke a ka ka bolela ditaba tse ding, haese tseo Moshe le baporofeta ba itseng, di tla hlaha;

23. kamoo ho itsweng kateng, Kreste o tla bolawa, e be yena ya tsohang pele bafung, a tle a bolele lesedi ho setjhaba sena le ho ditjhaba tse ding.

24. A re a sa ikarabela ka taba tseo, Festuse a phahamisa lentswe, a re ho yena: O a hlanya, Pauluse, tsebo e kgolo ya hao e o fetohetse bohlanya.

25. Pauluse a mpa a re: Ha ke hlanye, Festuse ya kgabane, empa ke bolela ditaba tsa nnete le tsa hlalefo.

26. Hobane le yena morena o a di tseba taba tseo, mme ke di bolela ho yena phatlalatsa, kahobane ke a kgolwa hore ha ho e nngwe ya tsona e mo siretseng; hobane ha ho letho tabeng tseo le entsweng sephiring.

27. Morena Agripa, na o dumela baporofeta na? Ke a tseba hobane o a ba dumela!

28. Agripa a re ho Pauluse: O batla ho ntlhola hore ke be mokreste.

29. Pauluse a re: Hoja Modimo o ka etsa, kapa haufi, kapa kgale, hore, e seng wena feela, empa le bohle ba mmamelang kajeno, le be jwaloka nna, feela e seng ka ditlamo tsena.

Diketso 26