Diketso 26:11-21 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

11. Masinagogeng wohle hangata ka ba tsohela matla, ka ba otla, ka ba qophella hore ba nyefole; mme kahobane ke ne ke ba halefetse haholoholo, ka ba hlorisa le ho isa metseng ya ditjhaba.

12. Yare ha ke ntse ke hopotse tseo, ke ya Damaseka ka matla le ka taelo ya baprista ba baholo,

13. hela! morena, e le motshehare, ha ke le tseleng, ka bona lesedi le tswang lehodimong, le fetisang la letsatsi ka ho kganya, le nteela hare le bao ke tsamayang le bona.

14. Yaba re wela fatshe kaofela, mme ka utlwa lentswe le re ho nna, ka puo ya Seheberu: Saule, Saule, o ntlhorisetsang na? Ho thata ho wena ho raha ditsenene.

15. Ka re: O mang, Morena? A re: Ke nna Jesu, eo o mo hlorisang.

16. Empa tsoha, o eme ka maoto; hobane ke itlhahisitse ho wena, hore ke tle ke o bee mohlanka le paki ya ditaba tseo o di boneng le ya tseo ke tla itsebisa ho wena ka tsona.

17. Ke tla o lwela setjhabeng sena, le ditjhabeng tseo ke o romelang ho tsona jwale,

18. o tle o tutubolle mahlo a bona, hore ba tlohe lefifing ho kena leseding, ba tlohe le matleng a Satane ho sokolohela ho Modimo, mme ba bone tshwarelo ya dibe tsa bona le lefa hara bahalaledi ka ho dumela ho nna.

19. Jwale, wena morena Agripa, ha ke a ka ka hana pontsho eo ya lehodimo;

20. empa ka qala ho bolella ba Damaseka, le ba Jerusalema, le ba Judea bohle, ka ntoo bolella ditjhaba tse ding, hore bohle ba bake, ba sokolohele ho Modimo, ba ntse ba etsa mesebetsi e tshwanelang pako.

21. Ke tsona ditaba tseo Bajuda ba ntshwereng ka baka la tsona tempeleng, tseo ba batlileng ho mpolaya ka baka la tsona.

Diketso 26