1. Jwale, Agripa a re ho Pauluse: O ka ikarabela. Yaba Pauluse o otlolla letsoho la hae, a ikarabela, a re:
2. Morena Agripa, ke re ke lehlohonolo ha ke tla ikarabela kajeno pela hao, hodima tsohle tseo Bajuda ba nqosang ka tsona;
3. haholo kahobane o tseba mekgwa yohle ya Bajuda, le ditaba tsohle tse tsekwang hara bona; ke a o rapela ke hona, ke re, o nkutlwe ka sebete.
4. Haele tsa bophelo ba ka, haesale le botjheng ba ka, kahobane ke bo phetse hara setjhaba sa heso, hona hae, Jerusalema, Bajuda kaofela ba di tseba.
5. Erekaha e le kgale ba ntseba, ha ba rata ho bolela nnete, ba ka bolela hobane ke phetse ka mokgwa wa bafarisi oo e leng wona mokgwa o nepehileng ka ho fetisa thutong ya rona.