Diketso 25:5-13 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

5. a ba a re: Bao e leng dihlooho ho lona ba ka tla le nna; ekare ha molato o mong o le teng ho monna eo, ba ke ba mo qose ka wona.

6. Yare hobane a hlole ho bona ditshiu tse sa feteng tse robileng meno e mmedi kapa tse leshome, a boela Sesarea; ka le hlahlamang a dula setulong sa kahlolo, mme a laela hore Pauluse a tliswe.

7. Ha a fihlile, Bajuda ba theohileng Jerusalema ba mo teela hare, ba ntse ba etselletsa Pauluse ka melato e mengata, e meholo, eo ba sitwang ho tiisa nnete ya yona.

8. Pauluse yena a nna a ikarabela, a re: Ha ke a ka ka sitelwa molao wa Bajuda, leha e le tempele, leha e le Sesare.

9. Jwale Festuse, kahobane a ne a rata ho kgahlisa Bajuda, a re ho Pauluse: Na o rata ho ya Jerusalema ho ya ahlolwa teng ka ditaba tseo pela ka na?

10. Pauluse a re: Ke eme lekgotleng la Sesare, moo ke tshwanetseng ho ahlolwa teng; haele ho Bajuda, ha ke a ka ka etsa ho kgopo, jwaloka ha le wena o tseba hantlentle.

11. Ha ekaba ke entse ho kgopo ho e mong, kapa ha ke entse ho hong ho tshwanelang lefu, ha ke hane ho shwa; empa ha ho se nnete tabeng tseo ba nqosang ka tsona, ha ho motho ya ka nneang bona; ke ipea ho Sesare.

12. Yaba Festuse o kopanya molomo le lekgotla, a ntoo re ho yena: O ipeile ho Sesare, o tla ya ho Sesare.

13. Eitse ha ho se ho fetile matsatsi a mang, morena Agripa le Berenise ba tla Sesarea ho dumedisa Festuse.

Diketso 25