2. Yaba moprista e moholo le baholo ba Bajuda ba itlhahisa ho yena ho qosa Pauluse; ba mo rapela,
3. ba kopa hore a ba thabise ka ho mo romela Jerusalema, kanthe ba mo laletse, hore ba tle ba mmolaye tseleng.
4. Empa Festuse a ba araba ka ho re, Pauluse o lebetswe Sesarea, hape a re, le yena o se a tla phakisa ho theohela teng;
5. a ba a re: Bao e leng dihlooho ho lona ba ka tla le nna; ekare ha molato o mong o le teng ho monna eo, ba ke ba mo qose ka wona.
6. Yare hobane a hlole ho bona ditshiu tse sa feteng tse robileng meno e mmedi kapa tse leshome, a boela Sesarea; ka le hlahlamang a dula setulong sa kahlolo, mme a laela hore Pauluse a tliswe.
7. Ha a fihlile, Bajuda ba theohileng Jerusalema ba mo teela hare, ba ntse ba etselletsa Pauluse ka melato e mengata, e meholo, eo ba sitwang ho tiisa nnete ya yona.
8. Pauluse yena a nna a ikarabela, a re: Ha ke a ka ka sitelwa molao wa Bajuda, leha e le tempele, leha e le Sesare.
9. Jwale Festuse, kahobane a ne a rata ho kgahlisa Bajuda, a re ho Pauluse: Na o rata ho ya Jerusalema ho ya ahlolwa teng ka ditaba tseo pela ka na?
10. Pauluse a re: Ke eme lekgotleng la Sesare, moo ke tshwanetseng ho ahlolwa teng; haele ho Bajuda, ha ke a ka ka etsa ho kgopo, jwaloka ha le wena o tseba hantlentle.
11. Ha ekaba ke entse ho kgopo ho e mong, kapa ha ke entse ho hong ho tshwanelang lefu, ha ke hane ho shwa; empa ha ho se nnete tabeng tseo ba nqosang ka tsona, ha ho motho ya ka nneang bona; ke ipea ho Sesare.
12. Yaba Festuse o kopanya molomo le lekgotla, a ntoo re ho yena: O ipeile ho Sesare, o tla ya ho Sesare.
13. Eitse ha ho se ho fetile matsatsi a mang, morena Agripa le Berenise ba tla Sesarea ho dumedisa Festuse.
14. Yare ha ba hlotse ho yena matsatsi a mang, Festuse a phetela morena ditaba tsa Pauluse, a re: Monna e mong o teng mona, eo Felikse a mo siileng a tlamilwe.
15. Ha ke le Jerusalema, baprista ba baholo le baholo ba Bajuda ba mo qositse ho nna, ba kopa hore a ahlolwe.
16. Ka mpa ka ba araba, ka re: Hase mokgwa wa Baroma ho neela motho lefung, ya qoswang a eso ho kopanngwe le baqosi ba hae, a eso ho fuwe le sebaka sa ho ikarabela hodima tseo a qoswang ka tsona.