Diketso 25:16-25 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

16. Ka mpa ka ba araba, ka re: Hase mokgwa wa Baroma ho neela motho lefung, ya qoswang a eso ho kopanngwe le baqosi ba hae, a eso ho fuwe le sebaka sa ho ikarabela hodima tseo a qoswang ka tsona.

17. Ka baka leo, eitse ha ba fihla mona, ha ke a ka ka dieha, ka mpa ka ya dula kgotla, ka laela hore monna eo a tliswe.

18. Eitse baqosi ba hae ha ba ema, ba se ke ba ntsha taba, leha e le nngwe, ya melato eo ke neng ke e lebeletse.

19. Ba mpa ba mo qosa ka ditaba tse ding tsa tumelo ya bona feela, le tsa e mong ya shweleng, ya bitswang Jesu, eo Pauluse a neng a tiisa hore o a phela.

20. Mme erekaha ke ne ke tsietswa ke ditaba tseo, ka mmotsa hore na ha a rate ho ya Jerusalema ho ya ahlolwa hodima taba tseo teng.

21. Empa Pauluse o ipeile ho morena e moholo, a re, taba ya hae e bolokelwe ho ahlolwa ke yena; mme jwale, ke laetse hore a lebelwe, ho fihlela mohla ke mo romelang ho Sesare.

22. Yaba Agripa o re ho Festuse: Le nna, nka rata ho utlwa monna eo. Eo a re: Hosasane o tla mo utlwa.

23. Ka le hlahlamang, Agripa le Berenise ba tla ba kgabile haholo. Eitse hobane ba kene kgotla le balaodi ba sekete le banna ba baholo ba motse, Pauluse a tliswa ka taelo ya Festuse.

24. Yaba Festuse o re: Morena Agripa, le lona banna bohle ba nang le rona mona, le a mmona monna enwa eo bongata bohle ba Bajuda bo tlileng ho mo qosa ho nna Jerusalema, leha e le mona, ba howa, ba re, ha a tshwanela a ka phela.

25. Haele nna, ha ke se ke fihletse hore ha a ka a etsa letho le tshwanetseng lefu, le yena ha a se a ipeile ho morena e moholo, ke ahlotse ho mo romela ho yena.

Diketso 25