14. Yare ha ba hlotse ho yena matsatsi a mang, Festuse a phetela morena ditaba tsa Pauluse, a re: Monna e mong o teng mona, eo Felikse a mo siileng a tlamilwe.
15. Ha ke le Jerusalema, baprista ba baholo le baholo ba Bajuda ba mo qositse ho nna, ba kopa hore a ahlolwe.
16. Ka mpa ka ba araba, ka re: Hase mokgwa wa Baroma ho neela motho lefung, ya qoswang a eso ho kopanngwe le baqosi ba hae, a eso ho fuwe le sebaka sa ho ikarabela hodima tseo a qoswang ka tsona.
17. Ka baka leo, eitse ha ba fihla mona, ha ke a ka ka dieha, ka mpa ka ya dula kgotla, ka laela hore monna eo a tliswe.
18. Eitse baqosi ba hae ha ba ema, ba se ke ba ntsha taba, leha e le nngwe, ya melato eo ke neng ke e lebeletse.
19. Ba mpa ba mo qosa ka ditaba tse ding tsa tumelo ya bona feela, le tsa e mong ya shweleng, ya bitswang Jesu, eo Pauluse a neng a tiisa hore o a phela.
20. Mme erekaha ke ne ke tsietswa ke ditaba tseo, ka mmotsa hore na ha a rate ho ya Jerusalema ho ya ahlolwa hodima taba tseo teng.
21. Empa Pauluse o ipeile ho morena e moholo, a re, taba ya hae e bolokelwe ho ahlolwa ke yena; mme jwale, ke laetse hore a lebelwe, ho fihlela mohla ke mo romelang ho Sesare.
22. Yaba Agripa o re ho Festuse: Le nna, nka rata ho utlwa monna eo. Eo a re: Hosasane o tla mo utlwa.
23. Ka le hlahlamang, Agripa le Berenise ba tla ba kgabile haholo. Eitse hobane ba kene kgotla le balaodi ba sekete le banna ba baholo ba motse, Pauluse a tliswa ka taelo ya Festuse.
24. Yaba Festuse o re: Morena Agripa, le lona banna bohle ba nang le rona mona, le a mmona monna enwa eo bongata bohle ba Bajuda bo tlileng ho mo qosa ho nna Jerusalema, leha e le mona, ba howa, ba re, ha a tshwanela a ka phela.
25. Haele nna, ha ke se ke fihletse hore ha a ka a etsa letho le tshwanetseng lefu, le yena ha a se a ipeile ho morena e moholo, ke ahlotse ho mo romela ho yena.
26. Empa ke sa hlokile taba e tiileng, eo nka e ngollang morena; ke ka baka leo ke mo tlisitseng pela lona, haholoholo pela hao, morena Agripa, hore ha ho se ho botsisitswe taba ya hae, ke tsebe seo nka se ngolang bakeng sa hae.
27. Hobane ho nna ke taba e sa tsebisahaleng, ha ho ka rongwa motho ya tlamilweng, ho sa bolelwe le tsona ditaba tseo a qoswang ka tsona.