Diketso 24:2-6 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

2. Hobane a bitswe, Tertullo o qala ho mo qosa, a re:

3. Felikse ya kgabane, re ke ke ra lesa ho hopola kahohle le kamehla ka teboho yohle kamoo re nang le kgotso e kgolo kateng, ka wena, le mahlohonolo a hlahetseng setjhaba sena ka paballo ya hao.

4. Empa, ka ho re, ke se ke ka o diehisa, ke a o rapela, ke re: o ke o mamele, ka mosa wa hao, tseo re o bolellang tsona ka mantswe a se makae.

5. Re re, re fihletse monna enwa e le lefu, o ferekanya Bajuda bohle ba ahileng lefatsheng lohle: ke hlooho ya thuto e kgelohileng ya Banasaretha.

6. O bile o lekile ho silafatsa tempele. Re mo tshwere, ra rata ho mo ahlola ka molao wa rona.

Diketso 24