Diketso 24:19-27 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

19. Ke bona ba ka beng ba tlile ho nqosa pela hao, ha ekaba ba ne ba na le taba le nna.

20. Le bona bana, a ba ke ba bolele, ha ba fihletse bokgopo bo bong ho nna mohla ke neng ke eme pela lekgotla;

21. haese, ha ba ka bolela lentswe lena le le leng, leo ke le boletseng ka matla ke eme hara bona, ka re: Kajeno ke ahlolwa ke lona ka baka la tsoho ya bafu.

22. Felikse, ya neng a tseba haholwanyane tsa thuto eo, hobane a utlwe taba tseo, a ba beela tsatsi le leng, a re: Etlare ha Lisiase, molaodi wa sekete, a fihlele, ke moo ke tla le ahlolela ditaba tsa lona.

23. Mme a laela molaodi wa lekgolo, hore Pauluse a lebelwe, empa e be ka ho mmaballa, ho se ke ha hanelwa motho ho ba habo ho mo sebeletsa, leha e le ho tla ho yena.

24. Yare hoba ho fete matsatsi a mang, Felikse a tla a ena le Drusilla, mosadi wa hae, e leng Mojuda, mme hobane a bitse Pauluse, a mo mamela ha a bolela tsa ho dumela ho Kreste.

25. Empa ha a ntse a bolela ho loka, le boitshwaro, le kahlolo e tla tla, Felikse a tshwarwa ke ho tshaba, mme a bua, a re: O ka ikela jwale; mohla ke boelang ke bona sebaka, ke tla boela ke o bitse.

26. Hape, o ne a tshepile hore Pauluse o tla mo nea tjhelete, a tle a mo lokolle; ke ka baka leo a nnileng a mmitsa hangata, ho buisana le yena.

27. Empa dilemo tse pedi ha di fetile, Porsiuse Festuse a bewa tulong tsa Felikse, mme Felikse a tlohela Pauluse teronkong, kahobane a ratile ho kgahlisa Bajuda.

Diketso 24